Wednesday, April 8, 2015

Koli-a-malla

23. Tsamaea hantle  (Koli-a-malla)

Khulu e siile mahe lepalapaleng,
E siile bana ba masea feela,
Ho ikhoantlella ha ba ho tsebe,
Mathata a hloele manolo holimo.

Raka le shoetsoe ke molebo,
Ea neng a re fatela o ile,
Seriti sa rona se ts’irohile,
Joale re aparetsoe ke bofifi.

Lefu la noha ke ho tsamaea e le ‘ngoe,
Hoja ena le molekane,
O ne a tla hlaba mokhosi,
Mabotho a teteane.

Pitsana e ntle ha e jele,
Batho baa fela rona rea sala,
Ho sala rona liesola,
Liesola ntho tse hlokang thuso.

Khoeli e apohetsoe ke maru,
Naleli e khanyang e re siretse,
E siretse mekunyane e e-so ho bone,
Linala li e-so ho chore tsa ho sela-sela.

Re aparetsoe ke bofifi,
Maikutlo a rona a sithabetse,
Pelo lia uba meea e faats’e,
Pelo li nts’o ha re je letho.

Batho re ithoetse meli,
Pelesa e neng e le meja,
E jara mathata a rona ka moka,
Joale e re siile feela.

Khomo boela haeno u holile,
E ea ho bo-nkhono lithakong,
U ba bolelle mathata mahlonoko,
Taba tsa faats’e lena ha li fele.

U ke o re rapelle ho ba baholo,
Khapu-khapu ea mahlohonolo,
Tle ke re lebale sohloho sena,
Seo u re sieang ho sona kajeno.



Ka Teboho C MOHLABI

No comments:

Post a Comment