Friday, January 11, 2019


9.  Lefu la AIDS

Baheso thehang tsebe le utloe,
Lintoa kea li bona tse mahlo-mafubelu,
Li loana mots’eare sera u se bona,
Mara ha a sena lihloela aa oela.

Empa ntoa ke ena ea setla-bocha,
E loanela ka likobong “korosetina,”
Leholiotsoana ha o le bone ha le tla,
Motsoalle oa hau e ba lehlaba-phieo.

Ke maloma a folisa moferekanyi,
Ntho ke ena e ntja ka sefubeng,
E ntja ke le lephako ke sa je letho,
Joale ke se ke utloa mocheso eka kea hlanya.

Ntho ena e etsa larita,
E rinya batho seka maphele,
Ha ena mohau ha e tsebe ts’obotsi,
E hloka le eona “khahle” soare.

Leloko ha lea baneng lea timela,
Ho sala baholo bo-hlooho-putsoa,
Jonna ba tla ts’eetsoa ke mang ka moeta,
Ha eka kajeno lee! ba pata bana ba masea.

Masimo a letse ke thite,
Ts’imo ea mabele ke mofoka,
Metse e setse e le lithako,
Letlaka le lenong ba a ipusa.

Lapeng ha bo khulu,
Ho setse mphutlane khutsana,
‘M’ae le Ntat’ae ba ile bo-ea-batho,
Ho ile le ngoana a qeta ho tsoaloa oa lesea.

Ho thusang ho sebetsa,
Ho thusa ka eng ho sebetsa,
Tsohle tse re li etsang,
Li fetohile lefeela la mafeela.

E be o kae Sankatana oa ts’omong,
E be o tla tla neng ho re namolela,
Kholu-molumo ke ena e metsa batho,
Ha e natse mofo kapa morena fito.

Pepeluma le ena o maketse,
O re mashoa ke ana a mofuta,
A hana litlhare a hana lithupa,
E ea a nontsha aa poka mehlabelo.

Litaola le tsona lia kubuta,
Phalafala e sheba hosele e ea hana,
‘Mantaane mosali a nto le boea,
Masapo joale a hana ka mokhoba.

Li ne li ka tsa kubuta nkhekhe,
Ena ntoa ke e hlotseng lichechefa,
Sera se hlotse le pele se e loana,
Ke ntoa ea likobo lira li mano.

Moruti o saretsoe o sithabetse,
Ngoana lejakane ke enoa o oa kula,
“Fatere” a rapela a ntse a akha letsoho,
Are: “Enoa ke mofu ke mo rapella tsela.”

“Tokotela” le ena o hlajoa ke lihlong,
Bababi o ba khutlisa ntse ba baba,
Jase e ts’oeu o se a  ts’aba ho apara,
Koata se li mo bitsa ngakana-ka-hetla.

Che rea ba bona ba tsamaeang,
Ba phethile leeto ba titimile sebaka,
Empa ba salang ba setse le mehau,
Letsoalo le likoloto bohlatsipa.

Jonna bana ba Thesele ba ithuta,
Ntho tse kholo ba sa hola,
Masea ke ana a bina tebelo,
Bana se ba tseba ho pata bafu.

Ka Teboho Mohlabi

No comments:

Post a Comment