33. Khalefo ea Molimo
Tsa fihla lemo tse boletsoeng,
Taba tsa ts’enolo tsa etsahala,
Tsa senoleha ho rona ra li bona,
Ra bona matlokotsi, masetla-libete.
Ntoa ha loana tsa mefuta,
Mabotho ha hlah’a setla-bocha,
A re hlahatsa a re hlaha lesumatha,
Ntoa ena ke koatsi-ea-bosolla-hlapi.
Bana ke bana ba tsoala bana,
Meqomo ea lithole ea tlala masea,
Bo-mmabona ba hlotse batsoali,
Bo-ntat’a bona ha ba ba tsebe lifahleho.
Matlo a thapelo le ona ke mekheka-kheka,
Bahlankana le baroetsana baa ithabisa,
Ba a qetoha ba noa mokankanyane,
Ba pakutsa metekoane ba ja kakana.
Tlala ho fihlile ea boja-likata,
Mehloa banna ba e kuta ka lifuba,
Ba ora letsatsi ba cha lifahleho,
Tsena ba li etsa ke ho hloka “moshomo”.
Bana ba mamarane litatampana,
Ke maqochane meriri e ea fefoha.
Ntsi-ntsi lia ba tlakela li utloa lephoka,
Li ba ja manina li ba je le lithoko.
Bacha ba rapela Satane liabolosi,
Ba re: “Moren’a sekoti re utloe rea rapela,
O re fe maruo a faats’e lena re “hume”,
Ihlo la nale re tla le phatlola ka qhomane.”
Bo-mphutlane ba matha mebileng,
Ba khaketsoa lijo ba kopa lipene,
Ka phirima ha ba kope baa ikhapela,
Ba nka ka mahahapa le ka sheshe tsa batho.
Ntloana-ts’oana ke kolo se secha “mohlaope”,
Teronko li tletse makeja-kejane,
Tsie e jana seropong ho hlaka-hlakane,
Ke hlaka-nts’u-ts’u ha ho etsoe makhethe.
Ngaka li mashano tsa kajeno,
Bababi ha ba fole lemong tsena,
Ua k’a its’upa boloetse rea ferekana,
Eba se re kolletsa ea koleke ho rera “phihlo”.
Noha ke motsoalle oa mosali tsatsing lena,
Ho ekoa le hona e se e le boemo,
Maqheku a matha a tsotse mebileng,
Lirope ba li beha ka ntle lepala-paleng.
Ke thaka-ha-li-fele metsofe,
Menepe ba e seha ba hana boqheku,
Ka pilo ba pata meriri ho taba,
Melomo e ka ea maupa “bakekolo.”
Bohlola ke papali e ncha ea bacha,
Selekane ba “saena” sa thabalano,
Lithethefatsi ke lijo tsa bona mokomete,
Ba nyorolla ka tai ba theolela “liokobatsi.”
Melamu ea banna ke “libistolo”,
Ba homa hang phelo bo fele,
Baheno ba bine ra shoeloa,
Ra shoeloa ke ngoana thoboloko.
Bahumi ba ja poqo-ka-hlanaka,
Khobe ba e hlaba ka lemao barui,
Mafuma ona a ja lithupa maboli,
Ntsi ba e kolla hanong bahlophehi.
Bana ha ba khalengoe ba “temokrasi,”
Le basali ba teng ba hlohile mots’eo,
Ha se fela banna ba bona ba hlephile,
Ba re: “Mokoko o itsoalla sethole hokong.
Bahlalefi ba pheha khang le Molimo kajeno,
Ka libonela-hole ba re ho bonela ‘Mopi,
Ka libuela-hole ba hloliha tsebe tsa Khosi,
Li koalehile thapelo ha li sa finyella.
Sebe se etsoa ka lerato baeka,
Liruoa li feta mahe sehlaheng,
Mashala a tsala molora “mohlaope”,
Le metsi a matle a matha a etsa bolele.
Banna ke maparo ba hana basali,
Basali ba nena bana ba hana tsoala,
Tsoala ke mohlape-moipusi ma-hana-puso,
Ho etsahala meluba-lube manyampetla.
Mebuso ea lefaats’e le eona e tsohelana matla,
Babusi ke bana baa hlolisana ba lefaats’e,
E mong o re: “qhomane tsa ka li feta sa hau,”
Eane ena a re: “nka u qhaqholla ka rabolloro.”
Metse ke marako ha ho okhelanoe mollo,
Mong le mong o khonoa ke sa ntlo ea hae,
Ea hlokang bonkong o shoela tlung le bana,
Seboko sa hae ha ho “ope” ea se utloang.
Metse ke masupi le lithako haeso,
Koatsi ke kholu-molumo ea kajeno,
Motse ho atleha oa lenong le lekhoaba,
Li ubella motho moea o e-s’o tsoe nameng.
Ao hle phephi Ramaseli,
A thupa e ke shape faats’e,
Noelo sena se bolila,
Se ke se re pote kathoko
Rea rapela.
Ka: Teboho Mohlabi
No comments:
Post a Comment