Friday, August 19, 2011

Atama le Efa


2.  Atama le Efa

Molimo oa khale tlhahla-macholo,
Molimo o qalileng ts’imoloho ea tsohle,
O laeang ka lentsoe ebe ho a phethahala,
Oa na oa theha lefaats’e ka phetheho.

Joale Molimo oa rera ho etsa Mobusi,
Ea tla hlokomela tse tlaase lefaats’eng,
Oa re: “Ke tla etsa hore a tsoane le ‘Na,
Ka hoo lebitso la hae ke tla mo reha Mo-Nna.

Eitse hoba ‘Mopi o ‘mope motho,
Ka sebopeho sa Oona lits’obotsi,
Le pululelo ea Moea mohokong,
Oa bona hore o phethahetse.

Joale a hoanka hara Etene a hlahloba,
Lihloliloeng tsohle a li reha mabitso,
A reha bo-kholumulumo le menoang,
A reha boliba le tlhoro tsa lithaba.

A elelloa hore tsohle li phethahetse,
Li tsamaea ka bobeli ntja li ritetse,
Mela le tsona li palesitse ho ngatafala,
A sareloa hoba tsohle li na le balekane.

Ka sebakana le eena a hlonama,
Athe Morena O se a ‘mone pele,
“Ke se ke tla o etsetsa ‘mamphehi,”
Ho rialo Morena a se a bile a morobatsa.

O entse hora tse tharo a robile monakeli,
Hora tse tharo a li qeta a robile monakeli,
Morena a iketlile a etsa bonono ba hae,
Lithopola le liqholo a li phethahatsa.

Ha are tleko-tleko!! Atama,
Ha be ho eme pel’a hae thope,
E botle bo ke keng ba lekanngoa,
Hoba e ne ele eona ea mathomo.

Atama joale a thoma moetlo,
A etsa selekane ea e-ba lenyalo,
Bobeli ba e-ba ntho e le ‘ngoe,
Atama a bina a “locha” ho leboha Morena.

Ba ile ba lula pela molatsoana,
Atama a phetela Efa melao,
Melao ea serapa thomo ea Molimo,
A mpa a se ke a mo hlokomelisa khathoane.

Tsatsi le leng Atama a ile ts’olong,
Ha fihla khathoane ho Mosali,
Ea bua ka maleme a bohata,
Khathoane noha ea khale ea mo eka.

Ea re: “mohats’a Atama nka u je,
Hona ke limenye-menye tsa serapeng,
Mong’a teng o re le se ke la ja,
Ha le isa masapo ho beng ena a je.”

O ja a le mong mats’ela-nokana,
Nokana e phoroselang ea Etene,
‘Mamolatasane ho oa jeoa ho oa tingoa,
Tholoana e mots’oets’oeng hase le ka monate.

Efa a na a fihleloa ke letsoalo,
La mo re he! ka sefubeng,
Hoba ele lona molis’a motho,
A mpa a le hatella a jo tholoana.

Ea re Atama a fihla molekane,
A bile a le khare ea lipalesa,
Mosali a mo aka a mo loma tsebe,
A re: “haeba u oa nthata u ‘mamele.”

A re: “nka u je Atama,
O ke o tlohele bothoto bona,
O tl’o bone ha re ts’oana le Eena,
Re tseba tse ntle le tse mpe joaa ka Eena.

Atama a nka a latsoa,
Kholu ea phorosela marameng,
Monate oa sebe oa tsoa ka litsebe,
O ne a ba a tsoa khapha ka ihlo le le leng.

Eitse ba re mahlo-tloha!!
Ba iphumana ba le poosho boshampata,
Ba utloa serame ba utloa mohatsela,
Mapona-pona a ba bakela litlhong.

Joale ba kenoa ke letsoalo le leholo,
Lekunutu ba le hloka ho Morena,
Sebe ba se entse ka lerato,
Ba apara makhasi ho ipata bohlasoa.

Mots’eare Mong’a serapa a fihla,
A fumana batho ba ipatetse molao,
A re: “Atama o hokae le molao  ke o file oona?”
Eena a re: “Ke ipatetse oona Morena ke feela.”

A re: “Nna Atama ke lehana-puso,
Le mohats‘ aka a ka mpakela joalo,
Noha ka mohatla e mo latsoisitse a ja,
Ka se itheke moroalo le ‘na ka hloa ka ja.”

Joale Morena a fana ka kahlolo,
Are: “noha o tla hosha ka mpa faats’e,
Oena mosali o tla hosha ka mokokotlo,
Monna a o hatelle o be khoba la hae,

A tsoe mofufutso a etse mosebetsi.”

Ha haaaaa, A e-sa Masiu…

Ka: Teboho Mohlabi

Friday, August 12, 2011

Haters by Maya Angelo

Not everyone who smile on you is a real friend. Some people are evils and its impossible to understand them.



1)
                  Haters/ By Maya Angelou

A hater is someone who is jealous and envious and spends all their
time trying to make you look small so they can look tall.
They are very negative people to say the least.  Nothing is ever
good enough!

When you make your mark, you will always attract some haters...

That's why you have to be careful with whom you share your
blessings and your dreams, because some folk can't handle seeing
you blessed...

It's dangerous to be like somebody else... If God wanted you to be
like somebody else, He would have given you what He gave them!  Right?

You never know what people have gone through to get what they
have...

The problem I have with haters is that they see my glory, but they
don't know my story...

If the grass looks greener on the other side of the fence, you
can rest assured that the water bill is higher there too!

We've all got some haters among us!

Some people envy you because you can:
    a) Have a relationship with God
    b) Light up a room when you walk in
    c) Start your own business
    d) Tell a man/woman to hit the curb (if he/she isn't about the right thing)
    e) Raise your children without both parents being in the home

Haters can't stand to see you happy.
Haters will never want to see you succeed.
Most of our haters are people who are supposed to be on our side.

How do you handle your undercover haters?
You can handle these haters by:

          1. Knowing who you are & who your true friends are
              *(VERY IMPORTANT!!)

          2.. Having a purpose to your life: Purpose does not
              mean having a job. You can have a job and still be
              unfulfilled.

A purpose is having a clear sense of what God has called you to be.
Your purpose is not defined by what others think about you.

          3. By remembering what you have is by divine
                  prerogative and not human manipulation.

Fulfill your dreams!  You only have one life to live...when it’s your
time to leave this earth, you want to be able to say, 'I've lived my
life and fulfilled my dreams, Now I'm ready to go HOME!

When God gives you favor, you can tell your haters, 'Don't look at
me...Look at who is in charge of me...'MY GOD!!!!

Pass this to all of your family & friends who you know are
not hating on you including the person who sent it to you
& ALL THE “GOSSIPERS”(HATERS)

If you don't get it back, maybe you called somebody out!
Don't worry about it, it's not your problem, it's theirs.
Just pray for them, that their life can be as fulfilled as
yours! Watch out for Haters...BUT most of all don't become
a HATER!




                    Maya Angelou

  
"Love your enemies for they are your mirror to reality..."
 

Wednesday, August 10, 2011

Khalefo Ea Molimo

33.  Khalefo ea Molimo

Tsa fihla lemo tse boletsoeng,
Taba tsa ts’enolo tsa etsahala,
Tsa senoleha ho rona ra li bona,
Ra bona matlokotsi, masetla-libete.

Ntoa ha loana tsa mefuta,
Mabotho ha hlah’a setla-bocha,
A re hlahatsa a re hlaha lesumatha,
Ntoa ena ke koatsi-ea-bosolla-hlapi.

Bana ke bana ba tsoala bana,
Meqomo ea lithole ea tlala masea,
Bo-mmabona ba hlotse batsoali,
Bo-ntat’a bona ha ba ba tsebe lifahleho.

Matlo a thapelo le ona ke mekheka-kheka,
Bahlankana le baroetsana baa ithabisa,
Ba a qetoha ba noa mokankanyane,
Ba pakutsa metekoane ba ja kakana.

Tlala ho fihlile ea boja-likata,
Mehloa banna ba e kuta ka lifuba,
Ba ora letsatsi ba cha lifahleho,
Tsena ba li etsa ke ho hloka “moshomo”.

Bana ba mamarane litatampana,
Ke maqochane meriri e ea fefoha.
Ntsi-ntsi lia ba tlakela li utloa lephoka,
Li ba ja manina li ba je le lithoko.

Bacha ba rapela Satane liabolosi,
Ba re: “Moren’a sekoti re utloe rea rapela,
O re fe maruo a faats’e lena re “hume”,
Ihlo la nale re tla le phatlola ka qhomane.”

Bo-mphutlane ba matha mebileng,
Ba khaketsoa lijo ba kopa lipene,
Ka phirima ha ba kope baa ikhapela,
Ba nka ka mahahapa le ka sheshe tsa batho.

Ntloana-ts’oana ke kolo se secha “mohlaope”,
Teronko li tletse makeja-kejane,
Tsie e jana seropong ho hlaka-hlakane,
Ke hlaka-nts’u-ts’u ha ho etsoe makhethe.

Ngaka li mashano tsa kajeno,
Bababi ha ba fole lemong tsena,
Ua k’a its’upa boloetse rea ferekana,
Eba se re kolletsa ea koleke ho rera “phihlo”.

Noha ke motsoalle oa mosali tsatsing lena,
Ho ekoa le hona e se e le boemo,
Maqheku a matha a tsotse mebileng,
Lirope ba li beha ka ntle lepala-paleng.

Ke thaka-ha-li-fele metsofe,
Menepe ba e seha ba hana boqheku,
Ka pilo ba pata meriri ho taba,
Melomo e ka ea maupa “bakekolo.”

Bohlola ke papali e ncha ea bacha,
Selekane ba “saena” sa thabalano,
Lithethefatsi ke lijo tsa bona mokomete,
Ba nyorolla ka tai ba theolela “liokobatsi.”

Melamu ea banna ke “libistolo”,
Ba homa hang phelo bo fele,
Baheno ba bine ra shoeloa,
Ra shoeloa ke ngoana thoboloko.

Bahumi ba ja poqo-ka-hlanaka,
Khobe ba e hlaba ka lemao barui,
Mafuma ona a ja lithupa maboli,
Ntsi ba e kolla hanong bahlophehi.

Bana ha ba khalengoe ba “temokrasi,”
Le basali ba teng ba hlohile mots’eo,
Ha se fela banna ba bona ba hlephile,
Ba re: “Mokoko o itsoalla sethole hokong.

Bahlalefi ba pheha khang le Molimo kajeno,
Ka libonela-hole ba re ho bonela ‘Mopi,
Ka libuela-hole ba hloliha tsebe tsa Khosi,
Li koalehile thapelo ha li sa finyella.

Sebe se etsoa ka lerato baeka,
Liruoa li feta mahe sehlaheng,
Mashala a tsala molora “mohlaope”,
Le metsi a matle a matha a etsa bolele.

Banna ke maparo ba hana basali,
Basali ba nena bana ba hana tsoala,
Tsoala ke mohlape-moipusi ma-hana-puso,
Ho etsahala meluba-lube manyampetla.

Mebuso ea lefaats’e le eona e tsohelana matla,
Babusi ke bana baa hlolisana ba lefaats’e,
E mong o re: “qhomane tsa ka li feta sa hau,”
Eane ena a re: “nka u qhaqholla ka rabolloro.”

Metse ke marako ha ho okhelanoe mollo,
Mong le mong o khonoa ke sa ntlo ea hae,
Ea hlokang bonkong o shoela tlung le bana,
Seboko sa hae ha ho “ope” ea se utloang.

Metse ke masupi le lithako haeso,
Koatsi ke kholu-molumo ea kajeno,
Motse ho atleha oa lenong le lekhoaba,
Li ubella motho moea o e-s’o tsoe nameng.

Ao hle phephi Ramaseli,
A thupa e ke shape faats’e,
Noelo sena se bolila,
Se ke se re pote kathoko
Rea rapela.


Ka: Teboho Mohlabi

Tuesday, August 9, 2011

'Me Montsoali


12.  ‘Me Montsoali

Ka thari a mpepa,
Ka sejana a mphepa,
Ka matsoho a nkuka,
Ka lesoai a nkotlolla,
Le ‘na ke be motho.

Ka manala a nphatela,
Ka likhapha a nthapella,
Ka ho hlobaela a nkoietsa,
Ka litsieane a ntefella,
Sekolong ho rua tsebo.

Ka ho itima a mphomosetsa,
Ka motlopotlo a mphelisa,
Ka tlhatsuo a ntlhohonolofatsa,
Ka ho ntheha lebitso ka itseba,
Lefaats’e le metsoalle ea ntseba.

Ka lits’omo a nthuta,
Ka lipale a nkelellisoa,
Ka maele a nkeletsa,
Ka metlae a nthabisa,
Ke tle ke phelisane le ba bang.

Ke monna ke holile joale,
Ke litelu ke liphaka-phaka,
Ke hopola tsa bonyaneng,
Ke li bona joalo ka ts’omo,
Chee! ke li fetile ka thuso ea ‘me.

‘Me o nthapelle ho Molimo,
Nthapelise ke phele,
Ke ka tlholeho ke o sotlileng,
Hoba marabe o jeoa ke bana,
Oona o sale ele mokukutoane.


Ka: Teboho Mohlabi

Senyamo


1.  Senyamo

Senyamo se mang pina tsa banana,
Se binoa ke banana le bashanyana,
Mapatlelong a metse maputulo,
Ho likhare, maqai pelo lia uba,
Ba tsetselela ho tseba balekane.

Maqheku a bohile a tila faats’e,
Eka ba bona mehla ba e lebetse,
Ha ba ne ba thonya ea bona methepa,
Ba etsa tlama-thata moshoela ruri,
Kajeno ts’iu li ile maqhekoana.

Koma ba e bina ka hlooho bochaba,
Litlolo ba  li nehela malebela,
Chaba se hlokang moetlo sea fela,
Bomali-mabe ke ho lahla maseko,
Bokang tsa lona balimo ba thabe.

Banana ba heso matlola-lets’oana,
Le etseng menyakoe le thenthetse,
Le bapatse bocha ba lona le khabe,
Baholo le balimo ba tle ba thabe,
Tle le bone ha khotso e re atela.

Bashanyana joale se ba tla bolla,
E tla ba makoloane matlola-tsoku,
Lemo se oele ebe maphura-khoahla,
Sa bobeli se fele e le banna.

Tlhankana e ea raha morits’oana,
Batsoali ba thabe ba etse tlhophiso,
Ba il’o qela mohope sekha-metsi,
Molekane a phetheloe tsa moetlo.

Ke mang oa lona ea ratang tlamo,
Tlamo ea monoana ka sika la thole,
Lenyalo le boqaba la khothometso,
Ngoetsi ke ena e lehala kamona,
E nena tsa bohali khomo li tsoile.

Rona Basotho re batho ba senyamo,
Balekane ba thonyane ba tsebana,
Re se bakele bana mokhoka-khoale,
Ngoetsi e ts’aba monna o makopo.


Ka: Teboho Mohlabi

Mosali E Motle Lichabeng

13. Mosali e motle lichabeng

Tsatsi le leng ke ile ts’olong,
Ka oelana le phau e telele-telele,
Ka pikitla mahlo eaka kea hoehoeloa,
Athe ke bona mosali e motle lichabeng.
Ka oma mathe thena,
Ea ka ke jele lipabi,
Pelo ea otla ka e utloa,
Phatla ea fufuleloa ka e hlakola.
Naa kea lora banna,
Likharebe ke hlola li bona,
Hona ke ntho’e hlahang ha Molimo koana,
Morena O ho entse ka matsoho a iketlile.
Hoshe!! ‘manyeo,
‘Na ke mohlankana,
Etsoe ha ke e-so nyale,
Tsa heso ha li fula le tlala phula.
‘Mabotle nthate ke u ratile,
Ke rata mahlo a hau a bolea,
Lebala la hau tlhaku-ea-tekoane,
Thope ea seema ka tlhako methemeleleng.
Seema ka litlhako ke kopa metsi,
Ke tsamaile eto le le telele ke khathetse,
Nkhelle ka mohope selibeng sa lerato,
Ke romelle ntate hore ke monna joale.
Ke omme nthane ke hloka manyabolo,
A k’u ‘nyahe qoqotho ke utloe monate,
Ke jale peo ea lerato selibeng sa hau,
E tle e atlehe e noe ka mehla.
Mosetsana e motle ts’oanahali,
O leseka la mathe o phahlile molala,
Theka le lesesane ‘mamolukule,
Qholo ke ts’ebetso ea hlahla-macholo.
Matsoho a matsoabali o tseba mosebetsi,
Tlhafu e pikitlellane e tletse,
Fuba e ka sa leebana-khoroana,
U se jere ka bokhabane u oa tebuka.
Haa hata koekoe ngoana enoa,
A alile mabatha a thoena,
E ka “pikoko” nonyana e ntle,
Athe lentsoe ke mololi oa lithaha.
Eitse ke botsa telejane ngoana monna,
Ba mo ea ka liboko ba mo tsebang,
Athe bo ‘mamona ba a mo senya,
Ba re: “ha se bile hase botle ba feela bona.”
Ba re: “enoa ngoanana ‘m’ae o oa loea,
O roetse ka tlhoare o nyekoa ke tlhoare,
Ke leboli le jang thup’a molomo-monate,
Puo tsa hae li khahle batho le mangeloi.”
Ka re: “’na u ntekane ngoan’a moloi,
Ke o ratella le li-tsohle tsa hao,
O mphe le phehla ke je ke u rate,
Lelapa le tiisoa ke lerato”.
Ka re enoa ke oa ka oa senyamo,
Hoba thato hae thataletsoe ‘mopo,
Sehoete se chekoa ke pelo Basotho,
Le ona mahlo ha a je sa motho.
Ts’oanahali o mahlo a bohale,
Ha ke o sheba ke tlala likhapha,
E ka ke shebile khubung ea tsatsi,
Le mafube a bohale la mariha.
U mpakela litlhong ‘manyeo,
Ha u lia mahlo, kea u sheba mpara,
Ke be ke itebale ke sa tsoeretse mahlo,
E ke ke hoehoetsoe ke noha ea metsi fito.
Ha ke o thetsa kea nyaroha,
E ka ke ts’oaroa ke motlakase,
Ho qhoma litlhase ke shoa bohatsu,
Pelo e otle ke e utloe ka tsebeng.
Tlalo la hao le letle le borethe,
E ka o tlola khokhotsi ea mofuta,
U ka sele ea Basotho ea ts’omong,
Ha ‘na ke u bapisa le linana-bolele.
Rato la rona e tla ba tlama-thata,
E be khomareli ya kokotane,
Seboko se shoa le lenono,

Ke tle ke u hlonephe u ntlhonephe.

Ka: Teboho Mohlabi

Mosali

36. U ts’abe Mosali

Mosali palesa ea hoetla,

Khaba le letle la ho ratoa,

Baka la monna la ho phela,

Phoka ea hoseng e noesetsang.

He! ha o ts’aba o ts’abe basali,

Tau tse mesana tsa ho jara thari,

Hase thari ke mathata a chaba sena,

Baa lala ka ‘mele ba ikhakanye.

Basali ke melingoana ea faats’e lena,

Mofihli o tlisoa a be a fihlele ho bona,

Le motsamai mofu a hlatsuoa ke basali,

Basali ba u bonts’a ts’imoloho le timelo.

Ntsoe la mosali ke phala,

Le o tsosa liphateng o feeloa,

Ke phehla ho monn’a lebelete,

E ke ho bina linong tsa leholimo.

Basali pelesa tse meja,

Tse masoto tse likhare hloohong,

Batho ba melala e thata mafumahali,

Naa ho e mong ea ka roalang nkho?

Ke mang ea ka roalang nkho,

A pepile le ngoan’a mahetleng,

Sek’hoama a se ts’oere ka letsoho,

A khaola thota ho batla liselo.

Ke monna ofe a kil’a holisa ngoana,

A fefa mantle a hlatsoa meqato,

Mosese oa mo theosa mokokotlo,

A nkha majolotsa holim’a mahetla?

Ke mang oa lona banna,

A kileng a hlobaela bosiu,

A ema ka mphi a koietsa,

A bina eu! Eu! Siu ba sa?

Ke mang ea kil’a mamella mahloko,

A likotlo, lipeto, le mahlapa,

A motho o mo rata,

Bosiu haa utloile mokankanyane?

Ha ho lelapa le hlokang mosali,

Hoba o ka le bona ka likho maballong,

Mehloa e ka nyoloha le mabota,

Lithole tsa etsa thotobolo ka ifo.

Sefole e ka ba sentele sa linta,

Tsuka la khohlopo la o bitsa o le mongako,

Tlala ea e-ba ea boja-likata,

Ts’ila le khopane tsa etsa su tsa machekoa.

Haeba monna ke hlooho bokarallana,

Ha bo eo bo phelang bo hloka mahetla,

Bo hloka matsoho ho phomosetsa,

Hleka matsoho ao ke mosali.

He! lona banna hlokomelang,

A lona a baluoe matsatsi a puso,

Le tla timelloa ke ona mabela,

Le tla ba lithupula le ts’abe bohale,

Mohla mosali a ka le hlokelang tlhompho.

Ka : Teboho Mohlabi