Tuesday, August 9, 2011

Mosali E Motle Lichabeng

13. Mosali e motle lichabeng

Tsatsi le leng ke ile ts’olong,
Ka oelana le phau e telele-telele,
Ka pikitla mahlo eaka kea hoehoeloa,
Athe ke bona mosali e motle lichabeng.
Ka oma mathe thena,
Ea ka ke jele lipabi,
Pelo ea otla ka e utloa,
Phatla ea fufuleloa ka e hlakola.
Naa kea lora banna,
Likharebe ke hlola li bona,
Hona ke ntho’e hlahang ha Molimo koana,
Morena O ho entse ka matsoho a iketlile.
Hoshe!! ‘manyeo,
‘Na ke mohlankana,
Etsoe ha ke e-so nyale,
Tsa heso ha li fula le tlala phula.
‘Mabotle nthate ke u ratile,
Ke rata mahlo a hau a bolea,
Lebala la hau tlhaku-ea-tekoane,
Thope ea seema ka tlhako methemeleleng.
Seema ka litlhako ke kopa metsi,
Ke tsamaile eto le le telele ke khathetse,
Nkhelle ka mohope selibeng sa lerato,
Ke romelle ntate hore ke monna joale.
Ke omme nthane ke hloka manyabolo,
A k’u ‘nyahe qoqotho ke utloe monate,
Ke jale peo ea lerato selibeng sa hau,
E tle e atlehe e noe ka mehla.
Mosetsana e motle ts’oanahali,
O leseka la mathe o phahlile molala,
Theka le lesesane ‘mamolukule,
Qholo ke ts’ebetso ea hlahla-macholo.
Matsoho a matsoabali o tseba mosebetsi,
Tlhafu e pikitlellane e tletse,
Fuba e ka sa leebana-khoroana,
U se jere ka bokhabane u oa tebuka.
Haa hata koekoe ngoana enoa,
A alile mabatha a thoena,
E ka “pikoko” nonyana e ntle,
Athe lentsoe ke mololi oa lithaha.
Eitse ke botsa telejane ngoana monna,
Ba mo ea ka liboko ba mo tsebang,
Athe bo ‘mamona ba a mo senya,
Ba re: “ha se bile hase botle ba feela bona.”
Ba re: “enoa ngoanana ‘m’ae o oa loea,
O roetse ka tlhoare o nyekoa ke tlhoare,
Ke leboli le jang thup’a molomo-monate,
Puo tsa hae li khahle batho le mangeloi.”
Ka re: “’na u ntekane ngoan’a moloi,
Ke o ratella le li-tsohle tsa hao,
O mphe le phehla ke je ke u rate,
Lelapa le tiisoa ke lerato”.
Ka re enoa ke oa ka oa senyamo,
Hoba thato hae thataletsoe ‘mopo,
Sehoete se chekoa ke pelo Basotho,
Le ona mahlo ha a je sa motho.
Ts’oanahali o mahlo a bohale,
Ha ke o sheba ke tlala likhapha,
E ka ke shebile khubung ea tsatsi,
Le mafube a bohale la mariha.
U mpakela litlhong ‘manyeo,
Ha u lia mahlo, kea u sheba mpara,
Ke be ke itebale ke sa tsoeretse mahlo,
E ke ke hoehoetsoe ke noha ea metsi fito.
Ha ke o thetsa kea nyaroha,
E ka ke ts’oaroa ke motlakase,
Ho qhoma litlhase ke shoa bohatsu,
Pelo e otle ke e utloe ka tsebeng.
Tlalo la hao le letle le borethe,
E ka o tlola khokhotsi ea mofuta,
U ka sele ea Basotho ea ts’omong,
Ha ‘na ke u bapisa le linana-bolele.
Rato la rona e tla ba tlama-thata,
E be khomareli ya kokotane,
Seboko se shoa le lenono,

Ke tle ke u hlonephe u ntlhonephe.

Ka: Teboho Mohlabi

1 comment: