2. Atama le Efa
Molimo oa khale tlhahla-macholo,
Molimo o qalileng ts’imoloho ea tsohle,
O laeang ka lentsoe ebe ho a phethahala,
Oa na oa theha lefaats’e ka phetheho.
Joale Molimo oa rera ho etsa Mobusi,
Ea tla hlokomela tse tlaase lefaats’eng,
Oa re: “Ke tla etsa hore a tsoane le ‘Na,
Ka hoo lebitso la hae ke tla mo reha Mo-Nna.
Eitse hoba ‘Mopi o ‘mope motho,
Ka sebopeho sa Oona lits’obotsi,
Le pululelo ea Moea mohokong,
Oa bona hore o phethahetse.
Joale a hoanka hara Etene a hlahloba,
Lihloliloeng tsohle a li reha mabitso,
A reha bo-kholumulumo le menoang,
A reha boliba le tlhoro tsa lithaba.
A elelloa hore tsohle li phethahetse,
Li tsamaea ka bobeli ntja li ritetse,
Mela le tsona li palesitse ho ngatafala,
A sareloa hoba tsohle li na le balekane.
Ka sebakana le eena a hlonama,
Athe Morena O se a ‘mone pele,
“Ke se ke tla o etsetsa ‘mamphehi,”
Ho rialo Morena a se a bile a morobatsa.
O entse hora tse tharo a robile monakeli,
Hora tse tharo a li qeta a robile monakeli,
Morena a iketlile a etsa bonono ba hae,
Lithopola le liqholo a li phethahatsa.
Ha are tleko-tleko!! Atama,
Ha be ho eme pel’a hae thope,
E botle bo ke keng ba lekanngoa,
Hoba e ne ele eona ea mathomo.
Atama joale a thoma moetlo,
A etsa selekane ea e-ba lenyalo,
Bobeli ba e-ba ntho e le ‘ngoe,
Atama a bina a “locha” ho leboha Morena.
Ba ile ba lula pela molatsoana,
Atama a phetela Efa melao,
Melao ea serapa thomo ea Molimo,
A mpa a se ke a mo hlokomelisa khathoane.
Tsatsi le leng Atama a ile ts’olong,
Ha fihla khathoane ho Mosali,
Ea bua ka maleme a bohata,
Khathoane noha ea khale ea mo eka.
Ea re: “mohats’a Atama nka u je,
Hona ke limenye-menye tsa serapeng,
Mong’a teng o re le se ke la ja,
Ha le isa masapo ho beng ena a je.”
O ja a le mong mats’ela-nokana,
Nokana e phoroselang ea Etene,
‘Mamolatasane ho oa jeoa ho oa tingoa,
Tholoana e mots’oets’oeng hase le ka monate.
Efa a na a fihleloa ke letsoalo,
La mo re he! ka sefubeng,
Hoba ele lona molis’a motho,
A mpa a le hatella a jo tholoana.
Ea re Atama a fihla molekane,
A bile a le khare ea lipalesa,
Mosali a mo aka a mo loma tsebe,
A re: “haeba u oa nthata u ‘mamele.”
A re: “nka u je Atama,
O ke o tlohele bothoto bona,
O tl’o bone ha re ts’oana le Eena,
Re tseba tse ntle le tse mpe joaa ka Eena.
Atama a nka a latsoa,
Kholu ea phorosela marameng,
Monate oa sebe oa tsoa ka litsebe,
O ne a ba a tsoa khapha ka ihlo le le leng.
Eitse ba re mahlo-tloha!!
Ba iphumana ba le poosho boshampata,
Ba utloa serame ba utloa mohatsela,
Mapona-pona a ba bakela litlhong.
Joale ba kenoa ke letsoalo le leholo,
Lekunutu ba le hloka ho Morena,
Sebe ba se entse ka lerato,
Ba apara makhasi ho ipata bohlasoa.
Mots’eare Mong’a serapa a fihla,
A fumana batho ba ipatetse molao,
A re: “Atama o hokae le molao ke o file oona?”
Eena a re: “Ke ipatetse oona Morena ke feela.”
A re: “Nna Atama ke lehana-puso,
Le mohats‘ aka a ka mpakela joalo,
Noha ka mohatla e mo latsoisitse a ja,
Ka se itheke moroalo le ‘na ka hloa ka ja.”
Joale Morena a fana ka kahlolo,
Are: “noha o tla hosha ka mpa faats’e,
Oena mosali o tla hosha ka mokokotlo,
Monna a o hatelle o be khoba la hae,
A tsoe mofufutso a etse mosebetsi.”
Ha haaaaa, A e-sa Masiu…
Ka: Teboho Mohlabi
No comments:
Post a Comment