1. Senyamo
Senyamo se mang pina tsa banana,
Se binoa ke banana le bashanyana,
Mapatlelong a metse maputulo,
Ho likhare, maqai pelo lia uba,
Ba tsetselela ho tseba balekane.
Maqheku a bohile a tila faats’e,
Eka ba bona mehla ba e lebetse,
Ha ba ne ba thonya ea bona methepa,
Ba etsa tlama-thata moshoela ruri,
Kajeno ts’iu li ile maqhekoana.
Koma ba e bina ka hlooho bochaba,
Litlolo ba li nehela malebela,
Chaba se hlokang moetlo sea fela,
Bomali-mabe ke ho lahla maseko,
Bokang tsa lona balimo ba thabe.
Banana ba heso matlola-lets’oana,
Le etseng menyakoe le thenthetse,
Le bapatse bocha ba lona le khabe,
Baholo le balimo ba tle ba thabe,
Tle le bone ha khotso e re atela.
Bashanyana joale se ba tla bolla,
E tla ba makoloane matlola-tsoku,
Lemo se oele ebe maphura-khoahla,
Sa bobeli se fele e le banna.
Tlhankana e ea raha morits’oana,
Batsoali ba thabe ba etse tlhophiso,
Ba il’o qela mohope sekha-metsi,
Molekane a phetheloe tsa moetlo.
Ke mang oa lona ea ratang tlamo,
Tlamo ea monoana ka sika la thole,
Lenyalo le boqaba la khothometso,
Ngoetsi ke ena e lehala kamona,
E nena tsa bohali khomo li tsoile.
Rona Basotho re batho ba senyamo,
Balekane ba thonyane ba tsebana,
Re se bakele bana mokhoka-khoale,
Ngoetsi e ts’aba monna o makopo.
Ka: Teboho Mohlabi
Tjho-tjho!! Tjhe di a utlwahala ditaba tsa hao, weso. Ebile ke nnete, rona Basotho re batho ba senyamo, balekane ba thonyane ba tsebana!
ReplyDelete